tse ka hare tse ka hare karolo 1
Molao wa Ntshetsopele ya Botsamaisi ba Toka (PAJA) ke eng? ... 4
Ketso ya botsamaisi ke eng? ... 4
"Mehato e lokileng" ke efe eo batsamaisi ba tlamehang ho e latela? ... 6
Ke tlameha ho lebella eng ha ke etsa kopo ya ho itseng? ... 8
Nka kopa mabaka neng? ... 9
Ke mabaka afe ao ho tlang ho fanwa ka oona? ... 9
Nka lebella ho fumana mabaka neng? ... 10
Na mabaka a ka fanwa ka molomo? ... 10
Ho tla etsahala eng ha e le hore ke ntse ke so kgotsofale? ... 10
Na ho na le ditharollo tse ding? ... 11
karolo 2
Ke ka lebaka la eng batho ba tshwanetse ho tsebiswa ka PAJA? ... 14
Batho ba rata ho tseba eng? ... 14
Kamoo o ka sebedisang bukana ena ... 15
Ho ka ba jwang ha ho ka kwetliswa maloko a tsamaiso? ... 15
Hobane e etsa hore tsamaiso e be boikarabelong ba batho bakeng sa diketsahalo tsa yona, Molao wa Ntshetsotsopele ya Botsamaisi ba Toka (PAJA) ke molao o bohlokwa haholo ho netefatsa hore demokrasi ya Afrika Borwa e hola ho tswela pele. Mmoho le Molaotheo (haholo Karolo ya 33 - tokelo ya ketsahalo ya botsamaisi e lokileng) le Melawana ya Batho Pele, PAJA e bopa karolo ya mokgwa o motjha, o ikemiseditseng ho netefatsa tsamaiso e sebeletsang batho ka tshwanelo.
E netefatsa ketsahalo ya botsamaisi e loketseng;
E fa batho tokelo ya ho kopa mabaka; hape
E fa batho tokelo ya ho ba le ketsahalo ya botsamaisi e hlahlojwang ke lekgotla la dinyewe.
Karolo 1 ya bukana ena e fana ka tlhahisoleseding malebana le PAJA hape e hatella seo batho ba hlokang ho se tseba ka Molao ona.
Karolo 2 e bua ka moo mokgatlo wa heno o ka sebedisang tlhahisoleseding ena ho thusa batho bao o ba sebeletsang le hore ke eng seo o ka se etsang ho netefatsa hore batho ba ithuta ka Molao.
karolo 1
Qetellong ya karolo ka nngwe, o tla fumana boloko bo hatel-lang tlhahisoleseding ya bohlokwa eo batho ba hlokang ho e tseba. Sena se ka sebedisetswa ho ntshetsa diphetho tsa dithuto kapa ditebello pele bakeng sa tlhahisoleseding kapa thuto efe kapa efe eo o fanang ka yona Molaong. Ke dintlhanyana tsa bohlokwa tseo maloko a setjhaba a tlamehang ho di tseba. Ho hatellwa hape le dikarolwana tse ding tsa tlhahisoleseding ya bohlokwa le ditataisi tseo o tla hloka ho di sebedisa ho behela dikopo nako tlasa molao wa PAJA.
Molao wa Ntshetsopele ya Botsamaisi ba Toka (PAJA) ke eng?
Bili ya Ditokelo ya Afrika Borwa e tshepisa tokelo ho "ketso ya botsamaisi e lokileng" ho bohle ba leng Afrika Borwa. Tokelo ena, (e leng Karolong ya 33 ya Molaotheo) e re motho e mong le e mong ya leng Afrika Borwa o na le tokelo:
Ho ketso ya botsamaisi e lokileng e dumellwang ke molao; le
Karolo ena hape e entse hore mmuso o fetise molao o totobatsang ditaba tsa tokelo ena ka ho phethahala. Ona ke Molao wa Ntsh-etsopele ya Botsamaisi ba Toka (molao wa 3 wa 2000).
Ketso ya botsamaisi ke eng?
Tsamaiso e entswe ka:
Mafapha kaofela a mmuso boemong ba botjhaba, ba provense le ba selehae;
Sepolesa le sesole; ha mmoho le
Makala a mang a mmuso, a jwalo ka ESKOM, Telkom le SABC.
Nako le nako ha tsamaiso e nka qeto e amang ditokelo tsa batho, ba etsa ketsahalo ya botsamaisi.
MOHLALA
Ha motho a etsa kopo ya tjhelete ya bofokodi bo itseng kapa ya botsofadi, lefapha la provense le tlameha ho etsa qeto hore le fana ka kopo eo kapa tjhe. Qeto ena ke ketsahalo ya botsamaisi.
Ho etsa kopo ya ID kapa setifikeiti sa tswalo
Ho etsa kopo ya sabsidi ya ntlo
Ho etsa kopo ya phemiti ya mosebetsi kapa bodulo
Ho etsa kopo ya maemo a bophaphathehi kapa bodulo ba nakwana
PAJA e sebetsana le tsamaiso e leng kgahlanong le ditokelo tsa batho. Ka mantswe a mang, diqeto tse seng kgahlanong le ditokelo tsa batho (tse jwalo ka qeto ya ho abela motho thuso ya tjhelete ya bofokodi bo itseng), ha di a akaretswa.
Le ha ho le jwalo, ka nako e nngwe qeto e seng kgahlanong le motho e mong e ka ba kgahlanong le e mong (motho wa boraro).
Mohlala, ha motho a etsa kopo ya tumello ya ho oketsa ntlo ya hae, sena se ka ama tjhebeho ya moahisane wa hae. Ha ho le jwalo, moahisane a ka tshireletswa ke PAJA.
PAJA e bolela hore batsamaisi ba tlameha ho:
Latela mehato e lokileng ha ba etsa diqeto;
Dumella batho ho fa lehlakore la bona pele ho nkwa qeto e ka amang ditokelo tsa bona;
Hlalosa ka botlalo diqeto tseo ba di nkang;
Tsebisa batho ka mehato ya boipelaetso e ka hare ho lefapha la bona. Ha mehato eo e se teng, ba tshwanetse ho tsebisa batho hore ba ka isa boipelaetso ba bona lekgotleng la dinyewe hore qeto eo e hlahlojwe botjha; hape
Tsebisa batho hore ba na le tokelo ya ho kopa mabaka a ngotsweng bakeng sa diqeto tse nkilweng.
"Mehato e lokileng" eo batsamaisi ba tshwanetseng ho e latela ke efe?
Hore diketsahalo tsa tsamaiso e be tse "lokileng", mehato eo ba e late-lang ha ba etsa diqeto e tlameha ho ba e lokileng. Le ha bukana ena e bua ka diqeto tse amang motho ka mong feela, PAJA e boela e hlahisa mehato bakeng sa diqeto tse amang setjhaba ka kakaretso.
Diqeto tse amang motho ka mong
PAJA e hlahisa mehato eo batsamaisi ba tshwanetseng ho e latela pele ba nka qeto le ka morao ho moo:
Pele ba nka qeto, batsamaisi ba tshwanetse ho fa motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di amehileng:
Tsebiso ya nnete malebana le seo ba rerang ho se etsa; le
Nako e lekaneng hore batho ba hlahise lehlakore la bona.
Batsamaisi ba tshwanetse ho ela hloko mahlakore ana pele ba nka qeto.
Ka mora ho nka qeto, batsamaisi ba tshwanetse ho fa motho e mong le e mong eo ditokelo tsa hae di amehileng:
Puo e hlakileng ka seo ba entseng qeto ka sona;
Tsebiso ya tokelo efe kapa efe ho hlahlobisisa kapa ho etsa boipelaetso ba ka hare; le
Tsebiso ya hore ba ka kopa mabaka bakeng sa qeto.
Le ha e le hore ha ba hapeletsehe, batsamaisi ba ka:
Thusa batho bao ditokelo tsa bona di tlang ho ameha;
Dumella batho bao ho emelwa ke mmuelli; hape
Dumella batho bao ho ba sebete ho phehisana le bopaki bofe kapa bofe bo leng kgahlanong le bona(ka molomo kapa ka ho ngola).
Diqeto tse kenyeletsang setjhaba ka kakaretso
Ho na le mefuta e mmedi ya bohlokwa ya mehato:
Tsebiso le ho ntsha maikutlo. Tabeng ena, motsamaisi o tshwanetse ho phatlalatsa tsebiso e bolelang seo ba rerang ho se etsa mme a kopa batho hore ba ntshe mai-kutlo. Ka mora moo motsamaisi o tshwanetse ho ela mai-
kutlo ana hloko pele a nka qeto hore ho etswang.
Patlisiso ya setjhaba. Mohatong ona, ho kgethwa motho kapa sehlopha sa batho ba tlang ho mamela diphehisa no tsa batho dinyeweng tsa setjhaba. Diphehisano tsena le tsona di tlameha ho elwa hloko pele ho nkwa qeto.
Ka nako tse ding, batsamaisi ba ka kgetha ho sebedisa tsebiso le ho hlahiswa ha maikutlo hammoho le mehato ya dipatlisiso ya setjhaba.
Nakong e fetileng, mmuso o ne o nka diqeto tse amang maphelo a batho kgafetsa ka ntle le ho hlalosa seo ba neng ba se etsa. Ka ho hlakisa ditokelo tseo batho ba nang le tsona, PAJA e etsa bonnete ba hore tsamaiso e sebetsa hantle le hore batho ba tse ba mabaka a hore ho nkwe diqeto. E boela hape e ba dumella monyetla wa hore lehlakore la bona la ditaba le mamelwe pele ho nkwa qeto efe kapa efe. Ka tsela ena, PAJA e etsa bonnete ba hore tsamaiso e sebetsa ka tsela e hlokang sephiri le hore e ikarabella diketsong tsa yona. Hape e etsa bonnete ba hore diqeto di nkwa ka mokgwa o nepahetseng. Mohlala, qeto ya motsamaisi e sekamelang lehlakoreng le itseng kapa e ikama-hantseng le ditaba tse sa tsamaelaneng le seo ho buuwang ka sona, e ka behwa ka thoko.
Ke tlameha ho lebella eng ha ke etsa kopo ya ho itseng?
Ka lebaka la PAJA, batho jwale ba ka lebella ho:
Tsebiswa nako e sa le teng ka ketsahalo efe kapa efe e rerilweng e ka amang ditokelo tsa bona (le ha e le hore sena se ka se kgonahale);
Dumellwa hore lehlakore la bona la ditaba le elwe hloko pele ho nkwa qeto (hape, sena se ka nna sa se kgona-hale);
Tsebiswa hore qeto ke efe le ka tokelo ya bona ya ho etsa boipelaetso ba ka hare kapa hlahlobisiso;
Tsebiswa hore ba na le tokelo ya ho kopa mabaka;
Fuwa mabaka a utlwahalang ha ba a kopa; le
Kgona ho ntshetsa qeto pele lekgotleng la dinyewe.
MOHLALA
Ha motho a etsa kopo ya tjhelete ya bofokodi bo itseng, a ka lebella ho bolellwa, pele qeto ya ho qetela e etswa, hore o tla fuwa tjhelete ena kapa tjhe. Ha a sa e fuwe, a ka etsa boipela-etso (jwalo ka ho hlahisa mabaka afe kapa afe a tsamaelanang le kopo ya hae a so kang a nkelwa hlohong). Haeba qeto e ntse e le kgahlanong le ena, a ka kopa mabaka a ngotsweng a hlalo-sang hore hobaneng sena se etsahetse. Haeba a ntse a kgolwa hore qeto e fosahetse, a ka ipelaetsa ho boto efe kapa efe ya boipelaetso ka hara lefapha la provense. Haeba a ntse a sa atlehe, a ka kopa lekgotla la dinyewe ho hlahlobisisa taba eo.
Ke neng mo nka kopang mabaka?
Motho e mong le e mong a ka kopa mabaka bakeng sa diqeto tse amang ditokelo tsa bona (ka tsela e sa lokang). Ka nako e nngwe, mabaka ana a tla fuwa ntle le hore motho a etse kopo ya oona. Ha ho se jwalo, batho ba tshwanetse ho etsa kopo ya mabaka ao matsatsing a 90 ka mora ho tsebiswa qeto.
Mokgwa wa ho kopa mabaka o totobaditswe melaong ya PAJA.
Dikopo di tshwanetse ho: Ba tse ngotsweng;
Ho bolela hore ke qeto efe eo o e kopelang mabaka;
Ho bolela hore ke ka baka lang o nahanang hore qeto e fosahetse;
Ho bolela hore ke ditokelo dife tsa hao tse amehileng ha ho kgonahala;
Kenya lebitso la hao, atrese ya poso, ya i-meili, le nomoro ya fekse le ya mohala; hape
Di romelwe ka poso, fekse kapa i-meili kapa di iswe ka letsoho.
Ha batho ba sa kgone ho ngola, ba tlameha ho kopa motswalle, e mong wa leloko, mokgatlo wa molao, jwalo-jwalo ho ba thusa. Melao e boela e bolela hore batsamaisi ba tshwanela ho fana ka thuso bathong ba sa kgoneng ho ngola. Kahoo, motho o ne a ka ya kantorong e entseng qeto mme a kope thuso ya ho ngollwa kopo ya hae fatshe.
Ke mabaka afe ao ho tla fanwa ka oona?
PAJA e re batsamaisi ba tshwanela ho fana ka mabaka a "phet-hahetseng". Tshebediso ya lentswe "phethahala" e bohlokwa ha-holo. Batsamaisi ba ke ke ba re ba nahanne feela ka taba mme ba fihletse qeto ya bona. Ba tshwanela ho bolela hore ba e fihletse jwang.
Haeba motho ya kopang mabaka a botsitse dipotso, di tshwanela ho arajwa kaofela. Ka bokgutshwanyane, batsamaisi ba tshwanela ho fana ka tlhaloso e kgotsofatsang bakeng sa ketso ya bona. Le jwale.
Nka lebella ho fumana mabaka neng?
PAJA e bolela hore mabaka a tshwanetse ho fuwa matsatsing a 90 ao motsamaisi a fumaneng kopo.
Ana mabaka a ka fuwa ka molomo?
Karabo e kgutshwanyane ke "tjhe". PAJA e bolela ka ho hlaka hore mabaka a tshwanetse ho fuwa ka ho ngolwa fatshe. Le ha ho le jwalo, haeba motho a fuwa mabaka ka molomo mme a kgotsofetse ke seo, ha ho na bothata. Le moo, motho o tlameha hape ho kopa hore mabaka ao ho fanweng ka oona a ngolwe fatshe hore ba kgone ho sheba ho oona ha bonolo ha ba ka nka qeto ho ntshetsa taba eo pele.
Ho tla etsahala eng haeba ke ntse ke sa kgotsofala?
Mafapha a mang a na le mehato ya ka hare ya ho ipelaetsa. Moo ho nang le mohato wa ka hare wa ho ipelaetsa, sena se tshwanela ho sebediswa pele ketso efe kapa efe e nngwe e ka nkwa.
MOHLALA
Lefapha la Merero ya Selehae le na le Boto ya Boipelaetso ho mamela dipelaetso mabapi le diqeto tsa Bahlanka ba mmuso ba Phumantsho ya Boemo ba Bophaphathehi. Haeba motho a etsa kopo ya bodulo ba nakwana kapa boemo ba bophaphathehi mme a hanelwa, ba ka ipelaetsa botong ena.
Moo ho se nang mohato wa ka hare wa ho ipelaetsa, kapa moo sena se sebedisitsweng mme motho a ntse a sa kgotsofatswa ke qeto, ba na le tokelo ho nkela taba lekgotleng la dinyewe mme ba le kope ho hlahlobisisa qeto.
Dinako tse behilweng
Moo ho nang le mohato wa boipelaetso ba ka hare, taba e tsh-wanetse ho nkelwa hlahlobisisong matsatsing a 180 dikgwedi tse 6 a ho nka qeto hwa boipelaetso bona ba ka hare. Moo ho se nang boipelaetsa ba ka hare, taba e tshwanetse ho nkelwa hlahlobisisong matsatsing a 180 a hore motho a tsebe qeto.
Ela Hloko
Moo mafapha a nang le mohato wa boipelaetso ba ka hare, le oona hangata a tla ba le dinako tse behilweng tseo ho tsona boipelaetso bo tshwanetseng ho etswa. Sena se fapana ho ya ka mafapha, empa tsebiso ya qeto le tokelo ya ho ipelaetsa le tsona di tshwanela ho hlahisa dinako tse behilweng.
Ana ho na le ditharollo dife kapa dife tse ding?
Jwaloka mohato ofe kapa ofe wa lekgotla la dinyewe, ho nkela taba hlahlobisisong ho ka ba theko e hodimo haholo. Ka lehlo-honolo, ho na le ditsela tse ding tsa theko e tlase tsa ho sebet-
Boipelaetso ba ka hare
Mafapha a mangata le dibopeho tsa mmuso di na le mekgatlo ya ho ipelaetsa ya ka hare. Tsena di tshwanetse ho sebediswa pele ho nkelwa taba hlahlobisisong mme hangata ha ho na tjhelete e lefshwang bakeng sa boipelaetso.
Boemong ba selehae
Batho ba ne ba ka:
Lekola hore ho na le kantoro ya molaotheo ya mokgatlo wa polotiki e ka kgonang ho ba thusang sebakeng sa bona;
Tletleba ho molaodi wa sebaka kapa lebatowa wa lefapha le amehang; kapa
Tletleba ho Mokhanselara wa bona wa Tikoloho kapa MEC
ya Provense ya lefapha le amehang.
Ho ka thusa ho ngolla Letona kapa Motsamaisi-Kakaretso ya nang le boikarabelo wa lefapha le amehang. Sena se theko e tlase mme, ka dinako tse ding, se sebetsa hantle. Mangolo a tlameha ho ba le tlhahisoleseding e tshwanang le e ho kopo ya mabaka.
DiNGO, diCBO le Mekgatlo ya Molao
Ho na le mekgatlo e mengata eo e seng ya mmuso (diNGO), mekgatlo ya setjhaba (diCBO) le mekgatlo ya molao mo Afrika Borwa e ka thusang. E mengata e tla etsa jwalo ntle le tefo. Batho ba tlameha ho kgothaletswa ho lekola setjhabeng sa bona hore na ebe ho na le e meng ya mekgatlo ena moo ba ka kopang thuso.
Motshireletsi wa setjhaba
Moo ho bonahalang eka ho bile le tsamaiso e sa nepahalang mohlala, ha eka motho e mong o ile a ekwa ka tjhelete ho nka qeto kapa o ne a nka lehlakore kapa ho ne ho e na le sebopeho sefe kapa sefe sa ketso ya bobodu, batho ba ka ikopanya le Motshireletsi wa Setjhaba hore a ba thuse. Sena se fuwa ntle le tefo.
Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho
Kaha diqeto di tla kenyeletsa ditlolo tsa Karolo ya 33 ya Mo-laotheo, batho ba ka kopa SAHRC ho ba thusa. Hape, sena se tla etswa ntle le tefo ha SAHRC e dumela hore ho bile le tlolo ya molao.
Boto ya Thuso ya Molao le Disenthara tsa Toka
Disenthara tsa Toka di hlonngwe makgotleng a dinyewe ho po-toloha le naha. Disenthara tsena di na le babuelli ba fumanehang ho fa batho ba futsanehileng ditshebeletso ntle le tefo. Haeba ha ho eso be le senthara ya Toka sebakeng sa motho, ba ka botsa mohlanka wa mmuso wa tsa Thuso ya Molao lekgotleng le haufi la dinyewe ho ba fa mmuelli ntle le tefo.
karolo 2
Ke ka lebaka la eng batho ba tlamehang ho tsebiswa ka PAJA?
Afrika Borwa e na le histori e telele ya tshebeletso ya setjhaba e sa kang ya ba le boikarabelo setjhabeng mme e sebeditse ka ditsela tsa sephiri tse lebisang ho sa tshepahaleng. Ha batho ba ntseng ba etsa dikopo bakeng sa ditshebeletso, dilaesense jwa-lo-jwalo ba bolellwa hore ha di a atleha, ba ne ba sa bolellwe hore hobaneng ho ne ho le jwalo.
Tsamaiso e teng ho sebeletsa setjhaba - ke ka hona lentswe "tshebeletso ya setjhaba". Le ha ho le jwalo, sena ha se kamoo di neng di bonwa ka teng kapa kamoo di neng di ipona ka teng. Motho e mong le e mong o na le pale eo a ka phetang matshwenyeho ao ba teaneng le oona ho fihlela nakong eo ba buisaneng le tshebeletso ya setjhaba.
Ka ho tseba hore PAJA e etsa eng, batho ba ka kgona ho:
Tshireletsa ditokelo tsa bona;
Netefatsa hore ba tshwarwa ka tsela e tshwanetseng;
Tseba hore ke diqeto dife tse nkilweng; le
Thusa ho ntshetsa tshebeletso ya setjhaba e ikarabellang ho batho pele.
Ke eng seo batho ba hlokang ho se tseba?
Se bohlokwa ke hore batho ba hloka ho tseba hore ho na le melao eo batsamaisi ba hlokang ho e latela ha ba etsa qeto. Dintlha tse Karolong ya 1 di tla o thusa ho utlwisisa hore melao ena ke ya eng.
Bukana ena e ka sebediswa jwang
Le ha ditaba tse leng Karolong ya 1 di lebane le setjhaba, bukana ena e ka sebediswa ke diNGO le diCBO ka ditsela tse pedi:
Kaha mekgatlo e mengata e fana ka thuso ya molao ho batho bao ditokelo tsa bona tsa botsamaisi ba toka di tlotsweng/hatakil weng, bukana e ka sebediswa ho ntlafatsa mokgwa oo mokgatlo wa heno o sebetsang ka teng; hape.
E ka sebediswa ho ruta setjhaba, ho fa ditjhaba tseo ba di thu-sang tshedimosetso le tlhahisoleseding ka Molao . Sena se tla thusa ho matlafatsa tsebo ya maloko a ditjhaba tsena ho hatella ditokelo tsa bona.
Basebetsi ba NGO le CBO ba tlameha ho bala bukana ena ho bona ka-moo PAJA e amang mosebetsi wa bona. Mohlala: Haeba mokgatlo wa molao o sebetsa ka mathata a phenshene kapa tjhelete ya bofokodi bo itseng hangata, ba ka sebedisa tshedimosetso e bukeng ho fumana hore mabaka a ngotsweng a kotjwa jwang, ho batla hore maikutlo a batho a elwe hloko jwang pele diqeto di nkwa, jwalo-jwalo.
Ho ka ba jwang ha ho ka kwetliswa maloko a tsamaiso?
Bukana ena e fana ka tshedimosetso ya hore PAJA e ama maphelo a batho jwang mme ha e so lokele kwetliso ya batsamaisi. Sena ke ka lebaka la hobane kwetliso eo batsamaisi ba hlokang ho ba le yona ke e keneletseng mme ha e a shebana feela le PAJA, empa hape le kamoo ho nkwang diqeto kateng, kamoo ho ngolwang mangolo le ditsebiso tse hlokwang ke Molao, le kamoo ho ralwang mabaka a ngotsweng.
Bukana ena e fana ka tshedimosetso ya hore PAJA e ama maphelo a batho jwang mme ha e so lokele kwetliso ya batsamaisi. Sena ke ka lebaka la hobane kwetliso eo batsamaisi ba hlokang ho ba le yona ke e keneletseng mme ha e a shebana feela le PAJA, empa hape le kamoo ho nkwang diqeto kateng, kamoo ho ngolwang mangolo le ditsebiso tse hlokwang ke Molao, le kamoo ho ralwang mabaka a ngotsweng.
Tataiso ya Tshebetso;
Buka ya ba kwetliswang;
Buka ya ho ipalla;
Phamfolete ya ho fadimehisa setjhaba.
Ho fumana tshedimosetso e fetang ena
Ikopanye le Lefapha la Toka le Ntshetsopele ya Molaotheo atreseng e ka morao ho bukana ena haeba o tla batla:
Tshedimosetso ka projeke ya ho kwetlisa batsamaisi; kapa
Dikgatiso tsa diphatlalatso dife kapa dife tse boletsweng.
Bakeng sa phatlalatso ya moraorao ya Melawana ya Molao, etela:
Kantoro ya Motshireletsi wa Setjhaba
Nomoro ya mohala: 366 2700
Khomishene ya Afrika Borwa ya Ditokelo tsa Botho
Boto ya Thuso ya Semolao le Disenthara tsa Toka
Nomoro ya mohala: 401 9200
kapa etela diofisi tsa bona lekgotleng le haufi le wena la dinyewe
